Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:13 - BIBELE

13 Empa le ile la jala bokgopo, kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo, la ja le yona tholwana ya leshano. Kahobane o itshepetse kariki tsa hao tsa ntwa, o tshepile le boiyane ba mabotho a hao,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le lemile bokgopo, le kotutse bolotsana, le jele dijo tsa leshano. Hobane, wena Iseraele, o tshepile metsamao ya hao le bongata ba dinatla tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:13
19 Referencias Cruzadas  

Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.


Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela.


kahoo ba tla kotula seo ba se jetseng, ba kgore ditholwana tsa ditakatso tsa bona.


Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka.


Motho o kgola tholwana tse monate, tholwana tsa dipuo tsa hae, ya sa tshepahaleng yena o lapetse mahahapa.


Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano a ke ke a phonyoha.


Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi, kgalefo ya hae e ke ke ya mo thusa ka letho.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


leha o ka mela mohla o o hlomileng, ka la hosasane wa tsoha o fupuditse, kotulo yona e ke ke ya eba teng mohla tsatsi la mafu a ke keng a phekolwa.


Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka, ba thabela ha se etsa bokgopo.


“Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona.


“Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.


“Ke mang eo kgosi ya Iseraele e tswileng bosele ka baka la hae? Ke mang eo e mo phaladisang? E phaladisa ntja e shweleng, kapa letsetse!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos