Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 1:2 - BIBELE

2 Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena: “Tsamaya, o yo nyala, o nyale mosadi wa seotswa, o inkele le bana, bana ba bootswa ba hae, hobane lefatshe le furaletse Morena, la mo furalla ka ho hloka botshepehi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 1:2
24 Referencias Cruzadas  

O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta.


Ba itshilafatsa ka mesebetsi eo ya bona, ka ketso tseo tsa bona ba kwenehela Morena.


Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


“O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona;


Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.


Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.


O tla manakisa medingwana hae, a e manakise, a se ke a e tshwara; o tla e batlisisa, a se ke a e fumana. Ke moo he a tla re: ‘Ke tla kgutlela monneng wa ka wa pele, ho yena ke ne ke iketla ho feta kajeno.’


Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”


Tsa Efraime ke di tseba sethapo, tsa Iseraele hase bofihla ho nna. Wena Efraime, o etsa bootswa, Iseraele yena o itshilafaditse.”


Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos