Hosea 1:10 - BIBELE10 “Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang. Ver Capítulo |
Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng.