Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 1:14 - BIBELE

14 Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,

Ver Capítulo Copiar




Haggai 1:14
19 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a susumetsa kgosi eo hore e etse phatlalatso mmusong wohle wa yona, ho tle ho phethahale polelo ya Morena eo a neng a e bolele ka Jeremia. Kgosi ya e ngola, ya re:


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:


Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.


Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.


“Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha.


Yaba re ntse re haha lerako, la ba la fihla halofong ya bophahamo ba lona, hobane setjhaba seo se ne se hlile se ikemiseditse ho haha.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.


Tsena di etsahetse ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse.


“Bua ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda, le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le ho masalla wohle a setjhaba, o ba botse, o re:


“Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,


a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos