Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Habakuke 1:3 - BIBELE

3 O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O mpontshetsang bolotsana, mme o tadimelang hloriso? Tshenyeho le bothata di pela ka; ho a omanngwa, ho bo ho tsohe le diphapang.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 1:3
16 Referencias Cruzadas  

Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.


Mmameleng, lona ba pelo di thata, lona ba leng hole le ho loka.


Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.


Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.


Ekaba ke ne ke tswelang popelong ya mme, hore ke tlo bona ditsietsi le maswabi, bophelo ba ka ke bo qete ke le dihlong?


Kamehla ha ke bua ke ye ke howe, ke meketse, ke re: “Moferefere le timelo!” Ka dinako tsohle ke a songwa, ke a nyatsuwa, ka baka la ho bolela lentswe la Morena.


Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Ka matsatsi wohle, pelo ya monna eo ya lokileng, ya neng a phela hara bona, e ne e tshwenngwa ke ho bona le ho utlwa diketso tsa bona tse kgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos