Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 6:6 - BIBELE

6 Morena a swaba ha a ile a etsa motho lefatsheng, pelo ya hae ya utlwa bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 6:6
34 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.”


Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.


Modimo a romela lengeloi Jerusalema ho ya e timetsa, empa yare ha le ntse le e timetsa, Morena a bona, mme a hauha ha a nahana koduwa eo, a re ho lengeloi le neng le ntse le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi la Morena le ne le eme seotlong sa Orenane wa Mojebuse.


A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.


Morena o hlapantse, ha a ka ke a kweneha; o itse: “O moprista kamehla yohle, jwaloka Meleki-Sedeke.”


Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele.


Ke hakae ba ileng ba mo fetohela, ba mo fetohela feelleng, ba mo kgopisa lehwatateng!


Ka baka leo, ke ba tlohetse mangangeng a dipelo tsa bona, ba tsamaye ho latela merero ya bona.


Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.”


Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae.


“Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka, kgotso ya hao e ka be le jwaloka noka, ho loka ha hao ho ka maqhubu a lewatle.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla fothola, ke heletse, ke timetse setjhaba kapa mmuso,


“Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!”


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


“Ke nna Morena, ha ke fetohe; kahoo lona bana ba Jakobo, ha le eso timetswe.


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.


Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona.


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


ka dilemo tse mashome a mane. Ka baka leo, ka halefela moloko oo, ka re: ‘Kamehla dipelo tsa bona di kgelohile, ha ba a ka ba tseba ditsela tsa ka.’


Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.


Modimo, e leng tlotla ya Iseraele, a ke ke a bua leshano, kapa a fetola maikutlo a hae. Yena hase motho, hoo a ka fetolang maikutlo a hae.”


Samuele a se ke a hlola a ya bona Saule, ho fihlela Saule a be a eshwa. Empa Samuele a llela Saule, mme Morena a swaba ha a ile a etsa hore Saule e be kgosi ya Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos