Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 48:7 - BIBELE

7 Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haele nna, ya na ya re ha ke kgutla Paddane, ka shwelwa ke Ragele naheng ya Kanana, tseleng, ho sa setse sebaka se seng sekae ho ya fihla Efrata, mme ka mo pata teng tseleng e yang Efrata, ke ho re, Bethlehema.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:7
13 Referencias Cruzadas  

Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.


Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo.


Lebitleng la hae Jakobo a haha sefika; ke sefika sa lebitla la Ragele se ntseng se le teng le kajenoya-bokajeno.


Modimo a boela a iponahatsa ho Jakobo, hoba a kgutle Padane-Arame, mme a mo hlohonolofatsa.


Empa bana bao o tla ba tswala kamorao ho bona, e tla ba ba hao, mme ba tla reellwa ka baholwane ba bona, ba je lefa la bona.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


“Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.”


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’


Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”


Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos