Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 45:2 - BIBELE

2 Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o phahamisa lentswe, a lla, mme Baegepeta ba utlwa, le ba ntlo ya Faro ba utlwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:2
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona.


Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng.


Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo.


A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.


Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.


“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.


Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.


Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos