Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 42:6 - BIBELE

6 Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:6
19 Referencias Cruzadas  

A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,


Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.


Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo.


A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!” Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.


mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.


Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.


Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena.


Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe.


“Hase lona le nthometseng mona, empa ke Modimo. O nkentse moeletsi wa Faro, le morena wa lelapa lohle la hae, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.


Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho.


Ya hanang ho rekisa koro batho ba a mo rohaka, empa ya ba rekisetsang yena o a hlohonolofala.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos