Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 41:6 - BIBELE

6 Kamora tseo ha mela tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A ba a bona le qwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, di mela kamora tseo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:6
8 Referencias Cruzadas  

Ka bona hape diqwapi tse supileng, tse ponneng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, di mela kamorao ho tsena.


A boela a kgaleha, a lora kgetlo la bobedi, mme a bona diqwapi tse supileng tsa koro, tse tenya, tse ntle, di mela lehlakeng le le leng.


Yaba diqwapi tse manneng di kwenya diqwapi tse tenya, tse nonneng. Faro a boela a phaphama, mme a hlokomela hore o a lora.


Ha o hlongwa sethopo na o tla atleha? Ha o tlo omella, e be lehohorwana, ha moya wa botjhabela o fokela ho wona? O tla omellela moo o lemilweng teng.’ ”


Empa sa fotholwa ka kgalefo, sa fotholwa, sa dihelwa fatshe; moya wa botjhabela wa omeletsa tholwana tsa sona, makala a sona a nyantseng a ba a robeha, a omella, mollo wa a tjhesa, wa a fedisa.


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe.


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos