Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 39:8 - BIBELE

8 Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:8
15 Referencias Cruzadas  

Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Mora wa ka, ha baetsadibe ba o hohela, o se ke wa ineela ho bona.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e be boithabiso, boithabiso ba pelo ya hao.


Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona.


O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo!


Di tla o phemisa mosadi, mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos