Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 39:6 - BIBELE

6 Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:6
12 Referencias Cruzadas  

Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.


Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.


Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta.


Monna hae o mo tshepa a sa kganane, mme bofutsana a ke ke be a bo tseba.


Ya tshepahalang tabeng e nyenyane o tshepahala le ho e kgolo, mme ya sa tshepahaleng tabeng e nyenyane ha a tshepahale le ho e kgolo.


“A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’


“Ke ka nako ena Moshe a ileng a tswalwa, mme a kgahleha ho Modimo. A hodisetswa habo ka kgwedi tse tharo.


Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha. Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.”


Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos