Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.
Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.