Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 37:3 - BIBELE

3 Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bana ba hae bohle, hobane e ne e le ngwana eo a mo fumanetseng boqhekung ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se selelele, se fihlang matsohong le maotong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Iseraele o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela, kahobane e le mora wa botsofadi ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se mebalabala.

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:3
10 Referencias Cruzadas  

Yare ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobodisa seaparo sa hae se fihlang matsohong le maotong, seo a neng a se apere;


Jwale ba nka seaparo sa Josefa, ba bolaya potsanyane, ba ina seaparo seo mading.


Ba romela seaparo seo se fihlang matsohong le maotong, sa iswa ho ntata bona, mme ba re: “Re fumane ntho ena; ako bone hore na ke seaparo sa mora wa hao, kapa tjhe.”


Mosadi enwa o ne a apere seaparo se mebalabala, hobane baradi ba kgosi, bao e ntseng e le barwetsana, ba ne ba apara jwalo. Mohlanka wa Amanone a ntsha Tamare, a mo notlella kantle.


Wa nka tse ding tsa diaparo tsa hao, wa kgabisa dibaka tsa hao tsa borapedi ka tsona, di le mebalabala, mme wa etsetsa bootswa ba hao hona moo. Dintho tsa mofuta ona ha di a lokela ho etsahala, kapa ho ba teng.


Ntate o rata Mora, mme o beile tsohle matsohong a hae.


‘Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo, mohlabani ka mong o abelwa morwetsana, kapa o abelwa barwetsana ba le babedi; Sisera o abelwa seaparo se mebala, seaparo se mebala, se homilweng; aparo tse pedi, tse homilweng, tsa molaleng, ke tsa ka!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos