Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:5 - BIBELE

5 Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ke bone dikgomo, le diesele, le dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke romela ho tsebisa morena ka, hore ke tle ke fumane mohau mahlong a hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:5
13 Referencias Cruzadas  

Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.


Maruo wohle ao Modimo a a amohileng ntata rona, ke a rona le a bana ba rona. Jwale etsa tsohle tseo Modimo a o boleletseng tsona.”


Yaba Morena o re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya bo-ntatao le ho bang ka wena, mme ke tla ba le wena.”


Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.


Yaba Esau o re: “A nke ke o siele banna ba bang ba ka.” Empa Jakobo a re: “Hobaneng? Ha ke mpe ke hauhelwe ke morena ka.”


Yaba Esau o re: “O bolela eng ka dihlopha tsee tsohle, tseo ke kopaneng le tsona?” Jakobo a re: “Ke hore morena ka a nkgauhele.”


Ba re: “O re pholositse! A re ke re fumane mohau ho morena ka, mme re tla ba makgoba a Faro.”


Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”


Na nkile ka re: ‘Mpheng hona le hane’? Kapa ‘Ntefelleng ka maruo a lona?’


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”


Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos