Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 30:4 - BIBELE

4 Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:4
12 Referencias Cruzadas  

Sarai a re ho Aborame: “Morena o ntlhokisitse thari; ka baka lena eya, o kene dikobong tsa lekgoba lena la mosadi, mohlomong ke tla ba le bana ka lona.” Aborame a dumela kopo ya Sarai.


Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.”


Mosadi wa hae wa lefielo, ya bitswang Reuma, le yena a tswala Teba, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.”


Aborahama a boela a nyala mosadi e mong, eo lebitso la hae e neng e le Ketura.


Empa ha e le bara ba basadi ba hae ba mafielo, Aborahama a ba nea dimpho, mme eitse a sa phela a ba tlosa ho mora wa hae Isaka, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya botjhabela.


Labane a nka lekgabunyane la hae Bileha, a le nea moradi wa hae Ragele, hore e be lekgabunyane la hae.


Bileha ya eba moimana, a tswalla Jakobo mora.


A eteletsa makgabunyane le bana ba wona pele, a latelwa ke Lea le bana ba hae, mme bo-Ragele le Josefa ba eba kamorao ho bohle.


Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


Bana ke bara ba Bileha, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Ragele. Bileha a tswalla Jakobo bana. Kaofela ha bona ke batho ba supileng.


“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos