9 Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?”
9 Yaba Jehova Modimo o bitsa Adama, a re ho yena: O hokae na?
Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang.
mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?” Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.”
Yaba ba re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sara o kae?” A araba, a re: “O ka tenteng.”
Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?” Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?”
Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae. Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?” Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.”