Genese 3:5 - BIBELE5 Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Modimo o mpa o tseba hobane, mohla le di jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, mme le tla ba jwaloka medimo, le tsebe botle le bobe. Ver Capítulo |
Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!’ ”
Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.