Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:17 - BIBELE

17 Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: ‘O se ke wa se ja,’ mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:17
28 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”


Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha.


Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.


A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”


Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


“Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;


“Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile?


Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse.


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Tshiu tsa hae tsohle o di qeta hara lefifi, a swabile haholo, a kula, a halefile!


Ya re ho yena: ‘Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete?’ Empa eo a kgutsa.


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


“A re ho yena: ‘Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala!


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos