Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 27:41 - BIBELE

41 Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 27:41
34 Referencias Cruzadas  

Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya.


Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana.


Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”


Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.


Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.


Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso.


Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.


Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”


Josefa a laela bahlanka ba hae ba dingaka ho omeletsa setopo sa ntatae ka meriana; yaba dingaka di omeletsa setopo sa Iseraele.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.


Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena.


jwalokaha eka ke rapella motswalle, kapa ke rapella ngwaneso. Ka tsamaya ke iname, ke hlomohile, jwaloka ya llelang mmae.


Sejosenyane sa ya lokileng se molemo ho ena le kgora ya ya kgopo;


Maoto a bona a titimela bobeng, a potlakela ho ya tsholla madi.


Ngwanabo motho ha a kgenne o thata ho feta qhobosheane, qhobosheane e matla, diphapang tsona e ka mekwallo ya qhobosheane.


o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.


O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona.


“ ‘Haesale o hloile bana ba Iseraele ho tloha kgale, wa tsholla madi a bona ka sabole ha ba le tsietsing, mohla o neng o ba ahlola la ho qetela.


Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.


Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos