Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 27:4 - BIBELE

4 Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 o nketsetse nama e hlabosang, eo ke e ratang, o ntlisetse yona, ke je, moya wa ka o tle o o hlohonolofatse, ke eso ho shwe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 27:4
23 Referencias Cruzadas  

“Ho hlohonolofatswe Aborame ke Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang.


Nama e hlabosang le bohobe, tseo a ileng a di lokisa, a di neela mora wa hae Jakobo, matsohong.


Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.”


A se ke a ba a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwaloka matsoho a moholwane wa hae Esau. Yaba o a mo hlohonolofatsa.


Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.” Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa.


Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo, tshimo eo Morena a e hlohonolofaditseng!


Le yena a pheha nama e hlabosang, mme a e tlisetsa ntatae. Yaba o re ho ntatae: “Ntate, ako tsohe, mme o je nama ya tse tsomilweng ke mora wa hao, o tle ntlhohonolofatse.”


Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaka a bua le Esau, mora wa hae. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo, hore a tle a e tlise.


‘Ntlisetse phoofolo, mme o mphehele nama e hlabosang, e le hore ke tle ke je, mme ke o hlohonolofatse mahlong a Morena ke eso shwe.’


Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang.


Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.


Josefa a re ho ntatae: “Ke bara ba ka, bao Modimo a mphileng bona ha ke le mona Egepeta.” Iseraele a re: “Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.”


Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.


Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,


Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.


Ka tumelo Isaka o ile a hlohonolofaletsa Jakobo le Esau tse tlang ho ba teng.


Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae.


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, o a ba qhala, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos