Genese 24:7 - BIBELE7 Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: ‘Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena.’ Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng. Ver Capítulo |
Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: ‘Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle.’ ”