Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:44 - BIBELE

44 Ha a ka re: Nwa, mme ke tla kgella le dikamele tsa hao, e tla ba ke yena mosadi eo Morena a mo kgethetseng mora wa monga ka.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 mme a re ho nna: Inwelle wena, mme le dikamele tsa hao ke tla di kgella; e ke e be yena mosadi eo Jehova a mo laoletseng mora wa mong a ka!

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:44
11 Referencias Cruzadas  

Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho.


Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: ‘Ako role nkgo ya hao ke nwe,’ ebe o re ho nna: ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.”


ho ke ho etsahale tjena. Ke eme sedibeng mona. Ha morwetsana a ka tla ho kga metsi, ke tla re ho yena: Ako mphe metsinyana nkgong ya hao, ke nwe.


“Yare ke eso qete ho bua ka pelong ya ka, ka bona Rebeka a etla, a beile nkgo lehetleng la hae, mme a theohela ka sedibeng, a kga metsi. Yaba ke re ho yena: ‘Ke a o rapela, ako mphe metsi ke nwe.’


Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


Ya inyaletseng mosadi wa sebele o lehlohonolo, ya jwalo Morena o mo hauhetse.


Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena.


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.


Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.


Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos