Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:2 - BIBELE

2 Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:2
14 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


Yaba o re: “Ke mohlanka wa Aborahama.


Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: ‘O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona.


Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae.


Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.


Iseraele a re: “Ntlhapanyetse!” A mo hlapanyetsa. Iseraele a inamisetsa hlooho mosamong.


Baholo ba ntlo ya hae ba ne ba ye ba tle, ba eme pela hae, hore ba mo phahamise fatshe. Empa a se ke a phahama, le ho ja le bona a se ke a eja.


Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.


Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.


Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.


Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos