Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:10 - BIBELE

10 Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:10
19 Referencias Cruzadas  

Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, yaba o tswala Aborame le Nakore le Harane.


Bo-Aborame le Nakore ba nyala basadi. Lebitso la mosadi wa Aborame e ne e le Sarai, mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Mileka, moradi wa Harane, eo e leng ntata Mileka le ntata Iseka.


Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.


Ditshiu tseo Tera a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mabedi le metso e mehlano. Tera o ile a shwela Harane.


Aborahama a tsebiswa, ha thwe: “Bona, Mileka le yena o tswaletse moena hao, Nakore, bana.


Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka,


Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.


Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.


Ka baka leo, ngwana ka, mamela: tsamaya, o balehele ha malomao Labane, ya Harane.


Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.


Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.


Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, Hanune le Baamone ba romela silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene, ho ya hira dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba dipere ba tswang Mesopotamia, le Maaka, le Soba.


Re le Baparathia, le Bamedia, le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le ba Judea, le ba Kapadokia, le ba Pontose, le ba Asia;


hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos