Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”
lehaheng le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, naheng ya Kanana; leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa mabitla.
Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”