Genese 23:16 - BIBELE16 Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi. Ver Capítulo |
Empa kgosi ya re ho Arauna: “Tjhe, ke tla reka dintho tsena ho wena ka theko ya tsona. Nke ke ka etsetsa Morena Modimo wa ka, nyehelo ya setjheso ka dintho tseo ke sa di rekang.” Davida a reka seotlo seo le dipholo tseo ka ditjhelete tsa silefera tse etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng.
Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.