Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 2:7 - BIBELE

7 Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.

Ver Capítulo Copiar




Genese 2:7
33 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.


Empa ha nyoloha mohodi lefatsheng, wa kolobisa mobu wohle lefatsheng.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.


Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa.


ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,


Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele.


Kapela Modimo ke tshwana le wena, ke bopilwe ka letsopa jwaloka wena.


a ka tshepa jwang ba meqhemeng ya makwete, ba bopilweng ka role la lefatshe, ba phetshelwang habonolo jwaloka tshwele?


Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.


Ke hobane yena o tseba seo re bopilweng ka sona, ha a lebale hore re lerole feela.


Bone la Morena ke wona moya wa motho, le bonesa bokahare ba pelo ya motho.


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


nako ya ho tabola le nako ya ho roka, nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua;


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Morena Modimo o bua tjena ho masapo ana: Ke tla budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele.


Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”


“Morena Modimo wa meya yohle, le wa batho bohle, a ke a kgethele setjhaba sena monna,


Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang!


Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.


Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”


hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.


Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva.


Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos