Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 2:25 - BIBELE

25 Ka bobedi ba bona monna le mosadi wa hae, ba ne ba sa tena letho, empa ba sa hlajwe ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Adama le mosadi wa hae ba ne ba le feela ba babedi, ba se na dihlong.

Ver Capítulo Copiar




Genese 2:25
15 Referencias Cruzadas  

Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.


Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng.


Ako bontshe mohlanka wa hao, o mmontshe sefahleho, sefahleho se kganyang kgotso, o mpholose ka mohau wa hao.


Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.


Bohle ba etsang medimo ya bohata ke lefeela, medimo eo ba e ratang ke mafeelafeelane. Ba ka e buellang ba foufetse; ha ba bone, ha ba tsebe hore ba tla tlontloloha.


Bofeela ba hao bo tla pepeseha, dihlong tsa hao di se ke tsa pateha. Ke tla iphetetsa, ha ke na ho qenehela motho.”


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Jwale o tla hopola ditsela tsa hao, o hlajwe ke dihlong ha o amohela bana beno, ba baholo le ba banyenyane. Ke o nea bona e le baradi ba hao, empa e seng ka baka la selekane seo ke se entseng le wena.


Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.


hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos