ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.
mme Morena a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao, merabe e mmedi e tla arohana, merabe eo e tswe maleng a hao, morabe o mong o tla ba matla ho feta o mong, e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”
Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ”
Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.
Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”