Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:16 - BIBELE

16 Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme ke tla mo hlohonolofatsa, hape ke tla o fa mora ka yena; mme ke tla mo hlohonolofatsa, e tla ba mma ditjhaba, mme marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:16
17 Referencias Cruzadas  

Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Yaba Morena o bua ho yena, o re: “Tjhe, eo e ke ke ya eba mojalefa wa hao; mojalefa wa hao e tla ba mora ya tswang lethekeng la hao.”


Modimo a boela a re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sarai, o se hlole o mmitsa Sarai; lebitso la hae e tla ba Sara.


Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


“Ke tla o fa bana ba bangata haholo; ho wena ho tla tswa ditjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Morena a etela Sara jwalokaha a ne a boletse, mme Morena a mo etsetsa jwalokaha a ne a mo tshepisitse.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


mme Morena a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao, merabe e mmedi e tla arohana, merabe eo e tswe maleng a hao, morabe o mong o tla ba matla ho feta o mong, e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”


Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Empa mora wa mosadi eo e leng wa lekgoba o ne a tswetswe ka mokgwa o tlwaelehileng; athe mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba o ne a tswetswe ho ya ka tshepiso.


Mohlala ke Sara ya neng a mamela Aborahama, mme a mmitsa “Monga ka”. Lona le fetohile baradi ba hae ka ho etsa tse ntle, le se na tshabo efe kapa efe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos