Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:13 - BIBELE

13 Hagare a re lebitso la Morena ya neng a bua le yena ke “Modimo ya Bonang”, hobane o ne a re: “Na ke nnete ke hlile ke bone Modimo, mme ke ntse ke phela kamora pono eo ya ka?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba o rea Jehova ya buileng le yena lebitso la Atta-Ele-roi (Wena, Modimo, o a mpona), hobane a re: Kanthe le mona ke bone ke se ke bonwe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:13
14 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,


Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”


A tshaba, mme a re: “Sebaka see se tshabeha hakaakang! Sebaka sena ke sona ntlo ya Modimo, ebile ke kgoro ya lehodimo.”


Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.”


Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”


Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae.


Empa Modimo a se ke a otla mahosana a bana ba Iseraele, mme ha ba se ba bone Modimo ba eja, ba enwa.


Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng.


Tsela tsohle tsa motho Morena o a di bona, metsamao yohle ya hae le yona o a e lekola.


Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos