O re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo, a malelele, a thathaletseng, a masiba a mangata, a mebalabala, ya fihla naheng ya Lebanone, ya dula kaleng la kedare, kaleng le hodimodimo.
“ ‘Ho no ena le ntsu e nngwe hape e kgolo, e mapheo a maholo, a masiba a mangata; morara wa lebisa metso ya wona ho ntsu eo, le makala a wona a lebiswa ho yona, hore e o nwesetse ka metsi a mangata ho feta kamoo o nwesetswang kateng.