Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.
Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.
Ka nako e fetileng, Bahore le bona ba ne ba ahile Seire, empa bana ba Esau ba ba leleka, ba ba fiela kapele ho bona, mme bao ba aha naheng ya bona, jwalokaha Baiseraele ba entse naheng eo Morena a ba neileng yona.
Morena o ile a etsa jwalo le ho bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire. O ile a fiela Bahore kapele ho bona, bana ba Esau ba ba leleka, mme ba aha naheng ya bona, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.