Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:1 - BIBELE

1 Aborame a nyoloha Egepeta, yena le mosadi wa hae, mmoho le Lota, le tsohle tseo a neng a ena le tsona, ba ya naheng e ka borwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Abrame a tloha Egepeta, yena, le mosadi wa hae, le dintho tsohle tsa hae, a na le Lota, ba lebile nnqa borwa ho Kanana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:1
8 Referencias Cruzadas  

Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.


Aborahama a lema sefate sa tamarisika moo Beeresheba, mme hona teng a rapela Morena, Modimo wa mehla yohle.


Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda.


Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya.


Ha Akishe a botsa Davida, a re: “O ne o hlasetse kae kajeno?” Davida o ne a ye a re: “Ka borwa ho naha ya Juda,” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Jerahemeele” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Bakene.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos