Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:11 - BIBELE

11 Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:11
14 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.


Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: ‘Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka!’ ”


Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.


Morwetsana enwa o ne a le motle haholo, a eso dihuwe letswele. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a nyoloha.


Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.


bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.


Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A hlokomela kgosi, a e sebeletsa, empa kgosi ya se ke ya kena dikobong tsa hae.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Ho nna moratuwa o tshwana le thunthung tsa mmasa, tse tswang masimong a morara, masimo a Ene-Gedi.


Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos