Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 11:5 - BIBELE

5 Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Jehova o theoha ho tla bona motse le tora e hahuwang ke bana ba batho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 11:5
10 Referencias Cruzadas  

Ke tla theohela teng ho ya bona hore na ba entse kamoo sello se fihlang ho nna se leng kateng, mme haeba ho se jwalo, ke tla tseba.”


Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.


Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora Motho.


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos