Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 10:9 - BIBELE

9 Mahlong a Modimo e ne e le setsomi se matla, mme ke ka baka lena ho yeng ho thwe: “Jwaloka Nimerode, setsomi se matla mahlong a Modimo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke yena eo e bileng setsomi sa senatla pela Jehova; ke moo ho yeng ho thwe: E ka Nimrode, setsomi sa senatla pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Genese 10:9
13 Referencias Cruzadas  

Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.


Kushe a tswala Nimerode; Nimerode ya eba senatla se seholo lefatsheng.


Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.


Ha bashanyana bana ba ntse ba hola, Esau ya eba setsomi, a phela hara naha; athe Jakobo e ne e le motho wa kgotso, wa sesalahae.


Eitse hoba Isaka a qete ho hlohonolofatsa Jakobo, mme a eso be le motsotswana Jakobo a tswile ka ho ntatae Isaka, moholwane wa hae Esau a fihla ho tswa tsoma.


Mahlong a Modimo lefatshe le ne le bodile, le tletse dipolayano.


Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.


Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka.


“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe basadi ba rwesang batho dithotho tsa boloi manonyeletsong a matsoho a bona, ba rwesang ba baholo le ba banyenyane masira dihloohong tsa bona, e le hore ba hohele batho! Na le tla timetsa bophelo ba setjhaba sa ka, ebe ba lona le a bo baballa?


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos