Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 8:1 - BIBELE

1 Ka lona letsatsi leo, kgosi Ahashuerushe a nea mofumahadi Esetere dintho tsohle tsa Hamane, sera sa Bajuda. Moredekai a fihla a ema kapele ho kgosi, hobane Esetere o ne a ile a e bolella hore na o amana jwang le yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka lona tsatsi leo, morena Assueruse a nea mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane, motshwenyi wa Bajuda, Mordekai yena a kena pela morena hobane Esthere o ne a mmoleletse seo a leng sona ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:1
12 Referencias Cruzadas  

Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.


Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile.


Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae.


Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.


Yaba kgosi Ahashuerushe o re ho mofumahadi Esetere le ho Moredekai wa Mojuda: “Bonang mona, ke neile Esetere dintho tsohle tsa Hamane, mme Hamane yena ba se ba mo fanyehile sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, hobane o ne a rerile ho timetsa Bajuda.


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos