Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.
Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.”
Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”