Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!”
Yaba Hamane o a kena. Kgosi ya re ho yena: “Ho etswe jwang ka motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla?” Hamane a bua ka pelo, a re: “E ka ba mang eo kgosi e ka thabelang ho mo tlotla, haese nna!”
Seaparo seo, le pere eo di newe e mong wa mahosana a tlotlehang haholo a kgosi, e le hore mahosana ao a tle a apese motho eo seaparo seo, mme a mo tsamaise lebaleng la motse a palame pere. Mahosana ao a howe, a re: ‘Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!’ ”