Esthere 5:8 - BIBELE8 Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena. Ver Capítulo |
mme a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, mme eba kgosi e nkgauhetse, le ntho ena e bonahala e le molemo ho kgosi, mme eba le nna ke kgahla kgosi, a ho ke ho ngolwe mangolo a hlakolang seo Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a ileng a se ngola hore ho timetswe Bajuda ba dinaheng tsohle tsa kgosi.