Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 5:11 - BIBELE

11 Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 5:11
19 Referencias Cruzadas  

Jakobo a utlwa dipuo tsa bara ba Labane, tse reng: “Jakobo o nkile tsohle tseo e neng e le tsa ntata rona, mme leruo lena lohle o le fumane ka tse tswang ho ntata rona.”


A nka matsatsi a lekgolo le mashome a robedi a ntse a ba bontsha matlotlo a mmuso wa hae o kgabane, le tlotla ya botlotlehi ba hae.


Kamora tsena, kgosi Ahashuerushe a phahamisa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a mo etsa mookamedi wa mahosana wohle a neng a sebetsa le yena.


Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.


Nka tshoha eng nakong tse mpe, ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,


e leng batho ba tshepileng matlotlo a bona, ba ithorisang ka maruo a bona a mangata?


“Bonang motho ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae, ya itshepetseng bongata ba maruo a hae, ya entseng bokgopo setshabelo sa hae.”


Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi?


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Jesu a boela a re ho bona: “Bana ba ka, ho thata hakaakang ho kena Mmusong wa Modimo!


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos