Esthere 5:1 - BIBELE1 Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo. Ver Capítulo |
“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”