Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:8 - BIBELE

8 A mo nea le lengolo la taelo e phatlaladitsweng Shushane, ya hore ho timetswe Bajuda. A re a yo le nea Esetere, a mo hlalosetse lona, a be a mo laele hore a ye kapele ho kgosi, ho ya mo etsetsa thapedi, le ho batlela setjhaba sa habo thuso ho kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A mo nea le kopi ya lengolo la taelo e entsweng Susane ya ho ba timetsa, a tle a le bontshe Esthere, mme a mo tsebise tsohle; hape, a laela Esthere ho kena ho morena a tle a mo rapedisise, a rapelle setjhaba sa habo ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:8
14 Referencias Cruzadas  

Esetere o ne a eso ka a bolela hore o tswalwa kae, le hore na ke wa setjhaba sefe, ho ya kamoo Moredekai a ileng a mo laya kateng. Esetere a phetha taelo ya Moredekai, jwalokaha a ile a etsa ha a ne a mo hodisa.


Hatake a fihla, a bolella Esetere ditaba tsa Moredekai.


Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”


Leha ke se na molato ke ne nke ke ka mo araba, haese feela ho kopa mohau ho Moahlodi wa ka.


Rapellang Jerusalema e be le kgotso: “Ba o ratang ba ke ba atlehe.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Haeba kgalefo ya mmusi e o tlokela, tulo tsa hao o se ka sutha ho tsona, hoba boikokobetso bo fedisa diphoso tse kgolo.


Jwale Heroda o ne a halefetse ba Tire le Sidone haholo. Ba tla ho yena ba le ntsweleng, mme hoba ba qekise Belasetose, modisa wa ntlo ya kgosi ya ho robala, ba kopa kgotso, hobane naha ya bona e ne e phediswa ke ya kgosi.


Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos