Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.
Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng.
Moredekai a mmolella tsohle tse mo hlahetseng, le tsa tjhelete eo Hamane a tshepisitseng hore o tla e kenya letloleng la kgosi, hore ho tle ho timetswe Bajuda.
Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”
Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.”