Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:4 - BIBELE

4 Ka letsatsi le leng le le leng bahlanka ba kgosi ba nna ba buisana le yena hore a phethe taelo ya kgosi, empa a se ke a ba mamela; kahoo ba bolella Hamane taba ena, hore ba tle ba bone hore na o tla etsa jwang, hobane Moredekai o ne a ile a ba bolella hore yena ke Mojuda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba nna ba mmolella jwalo ka matsatsi wohle, a mpa a hana ho ba utlwa; yaba ba tsebisa Hamane, hore ba tle ba bone ha mantswe a Mordekai e le a tiileng, etswe a ne a ba tsebisitse hobane ke Mojuda.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:4
11 Referencias Cruzadas  

Le hoja mosadi a nnile a bua le Josefa ka matsatsi wohle, ha a a ka a mo mamela, leha e le ho robala le yena, kapa le ho ba le yena.


E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.


Jwale bahlanka ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba re ho Moredekai: “Ke ka baka lang ha o tlola taelo ya kgosi?”


Ha Hamane a bona hore Moredekai o hana ho mo obamela, le ho isa hlompho ho yena, a loloma ke bohale.


Ho na le Bajuda ba bang, bao o ba beileng hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego; banna bana, kgosi, ha ba o natse. Ha ba sebeletse medimo ya hao, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”


Yaba ba re ho kgosi: “Daniele, e mong wa bathopuwa ba tswang naheng ya Juda, ha a re letho ka wena, kgosi, leha e le ho natsa taelo eo o e entseng; o ntse a rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.”


Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos