Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:2 - BIBELE

2 Bahlanka bohle ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba ne ba obama kapele ho Hamane, ba isa hlompho. Kgosi e ne e ile ya ba laela ho etsa jwalo ho Hamane. Empa Moredekai yena ha a a ka a obamela Hamane, leha e le ho isa hlompho ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:2
15 Referencias Cruzadas  

A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!” Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.


Ha barwetsana ba se ba kgobokantswe kgetlo la bobedi, Moredekai o ne a dutse monyakong wa kgosi.


Hona matsatsing ao, ha Moredekai a dutse monyakong wa kgosi, mahaole a mabedi a kgosi, e leng Bigitane le Tereshe, e leng a mang a balebedi ba monyako, a halefa, mme a rera ho bolaya kgosi Ahashuerushe.


Motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi, ho ne ho ena le monna wa Mojuda, ya bitswang Moredekai, mora wa Jaire, setloholo sa Shimei, setloholwana sa Kishe wa Mobenjamine.


Kamora tsena, kgosi Ahashuerushe a phahamisa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a mo etsa mookamedi wa mahosana wohle a neng a sebetsa le yena.


Jwale bahlanka ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba re ho Moredekai: “Ke ka baka lang ha o tlola taelo ya kgosi?”


Ha Hamane a bona hore Moredekai o hana ho mo obamela, le ho isa hlompho ho yena, a loloma ke bohale.


Ka tsatsi leo Hamane a tsamaya a thabile, a nyakaletse. Empa eitse ha Hamane a bona Moredekai monyakong wa ntlo ya kgosi, mme a lemoha hore Moredekai ha a eme, ha a mo tshohe, a mo halefela haholo.


ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”


yaba o re: “Phahamisang mokgele wa Morena. Morena o tla nne a lwantshe Baamaleke kamehla yohle.”


Ho ya ka kopo ya Daniele, kgosi ya bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, Daniele yena ya eba monna wa lekgotla la kgosi.


Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala!”


e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame,


Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos