Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 10:1 - BIBELE

1 Kgosi Ahashuerushe a ntshisa naha ya hae le dihlekehleke lekgetho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Morena Assueruse a ntshisa lefatshe la hae le dihlekehleke tsa lewatle lekgetho.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 10:1
8 Referencias Cruzadas  

Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Lona ba ka botjhabela tlotlisang Morena, le lona ba dihlekehlekeng, le tlotlise bitso la Morena, Modimo wa Iseraele.


Hamorao e tla futuhela ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, mme e hape tse ngata. Empa molaodi e mong osele o tla e hlola, a fedise boikgohomoso ba yona. Ruri boikgohomoso ba kgosi ya Siria bo tla fetohela monga bona.


Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos