Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:6 - BIBELE

6 Ho ne ho ena le masela a masweu, le a maputswa, a neng a leketlisitswe kgweleng e entsweng ka lesela le lohehileng, le perese, a tlameletswe mefitshaneng e neng e entswe ka silefera, mme e hoketswe ditshiyeng tsa mahakwe a masweu. Ditulo tse nang le mesamo di ne di entswe ka kgauta le ka silefera, di beilwe hodima lebala le katilweng ka mahakwe a mafubedu, le a masweu, le a boputswa ba lehodimo, le a matsho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:6
10 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya kgutla serapeng sa ntlo ya kgosi, ya boela moketeng wa ho nwa veine. Hamane yena o ne a wetse hodima setulo sa sofa seo Esetere a neng a dutse ho sona. Yaba kgosi e re: “Na ke hore o tla be a bete mofumahadi ke ntse ke le kamoo ka tlung?” Hanghang hoba kgosi e rialo, mahaole a kgurumetsa sefahleho sa Hamane.


Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.


“Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.


Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka.


Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.


Morena o bua tjena: “Jwalokaha modisa a hlotha hanong la tau meomo e mmedi feela kapa ntlhana ya tsebe, Baiseraele le bona ba tla pholoswa jwalo, bona ba phelang naheng ya Samaria, motho a nkile tsekana sa moalo wa hae, kapa a nkile otwana la setulo sa hae.


Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.


Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!” Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos